La 14 Phupjane
Phutheo e mabapi le puso ea libaka
Re tla elelloa hore ‘muso o nkile khato e matla ea ho theolela matla a puso sechabeng. Ena ke e’ngoe ea liqholotso tse kholo ntlafatsong ea naha ea Lesotho le ho Basotho ka kakaretso.
Mokatlo o Ikemetseng oa Tlhabollo ea Sechaba ka Litaba tsa Puso ea Sechaba ka Sechaba le Litokelo tsa Batho [Transformation Resource Centre(TRC)] o tla tšoara putheho ka moralo oa theolelo ea matla a puso ho ea sechabeng.
Mokhatlo ona oa
TRC o ka rata ho ithukhubetsa ho bona hore morero ona o phethahala ka katleho.
Ke ka lebaka lena TRC e tlang ho tšoara phutheho Setsing sa Lithupelo sa
Boithuto Kantle ho Sekolo(se neng se tsejoa ka lebitso la IEMS) ka la 24
Pupjane 2004 ho tloha ka hora ea lesome (10.00 a.m.) hosing, ho isa ka hora ea
pele (01.00 p.m) mantsiboea. Sepheo ke boithuto ka tse seng li fihletsoe
thlophisetsong ea morero ona, le hore na litlhopho malebana le likhetho tsa
puso ea libaka li eme joang.
.
Lekala la Puso ea Libaka le memiloe ho fana ka puo ea tse seng li fihletsoe. Puo e ‘ngoe e tla fanoa ke Monghali Mashinini ka boithuto boo a bo etseng ka litaba tsa puso ea libaka. Seo phutheho ena e lokelang ho se fihlela ke ho arolelana maikutlo le ho ithuta hore na mafapha a fapaneng a sechaba a ka kenya letsoho joang ho atlehisa moreo ona oa bohlokoa.
Bamemuoa ke mekhatlo e ikemetseng, litho tsa matlo a mabeli a paramente, makala a ‘muso, litsi tsa thuto, baphatlalatsi ba litaba le bahoebi.
Bakeng sa
litlhakiso:
Fumane Letho
(Mrs.): Tel: 22314463
Fax: 22322791
Email: trc@trc.org.ls